1. Road to Literacy
  2. /
  3. Hobaneng ho sebedisa ditshwantsho...

Hobaneng ho sebedisa ditshwantsho dibukeng tsa dipale le dibukeng tsa dingolwa tse fapaneng ho le bohlokwa

by | Mar 11, 2024 | Road to Literacy

Ha ho nkelwe hloohong hore bana ba banyane ba tsepamisa maikutlo haholo dibukeng tse nang le ditshwantsho, haholoholo tse takilweng ka bokgabane

Ho sa kgathaletsehe hore buka ke ya dipale tsa lapeng kapa buka ya dingolwa tse fapaneng ka phaposing ya borutelo, ha re tla ho babadi ba banyane ha ho a tlwaeleha ho fumana buka e senang ditshwantsho. Ba bangata ba nka hore bana ha ba eso kgone ho bala mantswe, ba hloka ditshwantsho ho etsa moelelo. Hoo ha se nnete, empa ditshwantsho ka hara dibuka tsa dipale di eketsa boleng le melemo.

Dintshwantsho di roteletsa lerato la ho bala 

Na o hopola buka eo o neng o e rata ha o ne o le ngwana? Eo o neng o rata ho e bala makgetlo, o e sheba makgetlo a mangata, kapa e neng e etsa hore o nahane haholo? Ha o nahana ka buka eo, ho tla eng kelellong ya hao? Ho ba bang e ka ba diketsahalo tsa pale kapa mophetwa eo ba neng ba mo rata. Ho ba bangata ba rona ditshwantsho tse ntle di etsa hore re be le menahano metle, di re isa dibakeng tseo re neng re eso di nahane pele ho moo.

Ditshwantsho di ka bopa maemo le maikutlo a monate a ho bala bakeng sa bana. Ka ho ela hloko hore bana ba bang ha ba kgone ho tsepamisa maikutlo nako e telele ha ba bala, ditshwantsho di thusa hore bana bao ba qalang ho bala, ba tsepamise maikutlo nako e telele ha ba bala. Ditshwantsho di kgothaletsa bana ho ikamahanya le mongolo, ho susumeletswa ke dibapadi/baphetwa ba tshwanang le bona, ho fumana dintho tse patilweng ka hara leqephe (Fang, 1996), ho rarolla bothata ka ho sheba ditshwantshong, le hore ba kgothale hore mophetwa o tlo etsang leqepheng le latelang. Thabo eo e ba teng ha ngwana a shebana le ditshwantsho e mo thusa hore a rate ho bale. 

Dintshwantsho di matlafatsa mongolo le pale e phetwang

Dibukeng tsa dipale tsa bana le dibukeng tsa mefuta e fapaneng ya dingolwa e nang le ditshwantsho, pale e phetwa makgetlo a mabedi, ka mongolo le ka setshwantsho (Agosto, 1999). Hoo ho bolela hore bana ba kgona ho utlwisisa pale eo ba e balang ka mongolo kapa ka ditshwantsho. Hona ho ka thusa bana ho utlwisisa pale lekgetlo le le leng ho se botaki kapa ditshwantsho. Ditshwantsho di phedisa dipale, mme di fana ka keletso ya pono leqepheng le leng le leng. Bana ba kgona ho ipopela ditshwantsho tsa diketsahalo tsa pale ka kelellong, e be ha morao ba kgona ho iqapela dipale tsa bona, ho matlafatsa tsebo ya bonono le boqapi ba pono.

Ditshwantsho di kgothalletsa ntshetsopele ya tsebo ya ho bala baneng 

Ditshwantsho tse tsamayang le mongolo di fana ka dibetsa tse molemo tse thusang bana ho aha tsebo ntle ya ho bala. Ditshwantsho tse bukeng ya pale di ka thusa ka ntshetsopele ya maano a ho bala ka kutlwisiso, jwaloka ho etsa diqeto. Bana ba ka kopanya mantswe le mongolo, maikutlo a mophetwa le diketso tse bonahalang ditshwantshong le ho lepa se tlang ho etsahala paleng.

Ditshwantsho di ka takwa ka mokgwa o dumellang ngwana ya balang hore a bone dibetsa tsa ho bala (tse kang, sebaka, mophetwa le moralo) ho ya ka moo ba bonang se hlahisitsweng setshwantshong (Agosto, 1999). Ditshwantsho di fetisa lesedi le ipatileng kapa lesedi la hore pale e etsahala hokae, baphetwa ba rata eng, ha ba rate eng, le dintlha tse sa ngolwang (tse kang maikutlo a botho) tse sa hlaloseheng ha bonolo ka mongolo.

Ditshwantsho di thusa ka ntshetsopele ya ho tseba mantswe

Ditshwantsho di sebetsa haholo ho feta ho mongolo, di atolosa moelelo wa mantswe, di thusa ho atisa tsebo ya ngwana ya mantswe. Shulevitz (1985) o supile hore “ntle le ditshwantsho, ho ka etsahala re se utlwisise molelo wa mantswe.” Ditshwantsho di ka thusa bana ho fumana kutlwisiso ya mantswe a sa tlwaelehang ka hara pale, ka ho ba thusa hore ba ikgokahanye le dintshwantsho tse bukeng mantsweng a leqepheng. Ha ba bala kapa ba ballwa, bana ba ka sebedisa ditshwantsho ho ithuta mabitso a disebediswa, motswadi kapa titjhere e botsa ngwana dipotso tse kang “O ka supa ntlo ya ntja leqepheng leo?”

Hobane boholo ba babadi ba balang dibuka tseo e seng tsa dintho tsa boiqapelo ba hlahisa mokotaba o sa tlwaehang ho bana hore ba ithute ka lefatshe le ba potapotileng, ba ba ruta mantswe a matjha, mme tseo di hlahisitswe ka ditshwantsho hore bana ba kgone ho utlwisisa. Ha bana ba utlwa moelelo wa lentswe le letjha le sa tlwaelehang ditshwantshong, tsebo ya bona ya mantswe e a hola.

Ditshwantsho di ka nwesetsa lerato la bonono

Buka ya pale e nang le ditshwantsho ke o mong wa mekgwa ya hore ngwana a rutwe bonono bo shebehang. Ho ya ka Jacobs and Tunnell (1996), dibuka tse nang le foto ya koloi e ntle ya ho bula mahlo a ngwana hore a bohe botle le matla a bonono. Ha bana ba bala dibuka tse fapaneng tse nang le botaki le dintshwantsho, ba hlahella ho mefuta e mengata ya bonono, mme ha ba fuwa monyetla ba a kgona ho bua hore ba rata ho itseng kapa ha ba rate. Hoo ho ba ruta ho nahana ka thata ba sa le banyane.

Wena le babohi ba hao ba banyane le ka natefelwa ke botaki le ditshwantsho tse bohehang ho tswa ho Aweh! le Aitsa! Dibuka tse Ksgolo – di loketse ho arolelwana ka phaposing efe kapa efe ya Foundation Phase.


References 

Agosto, D.E. 1999. One and inseparable: Interdependent storytelling in picture storybooks. Children’s Literature in Education, 30(4): 267-280. Available from: https://doi.org/10.1023/A:1022471922077 [Accessed: 19 February 2024].

EBSCOpost. 2017. Seeing is believing – the benefits of picture books for building reading skills. Available from: https://www.ebsco.com/blogs/ebscopost/seeing-believing-benefits-picture-books-building-reading-skills [Accessed: 19 February 2024].

Balcazar, S. 2019. How picture books help kids develop literacy skills. Reading Partners. Available from: https://readingpartners.org/blog/picture-books-develop-literacy-skills/ [Accessed: 19 February 2024].

Fang, Z. 1996. Illustrations, text, and the child reader: What are pictures in children’s storybooks for? Reading Horizons: A Journal of Literacy and Language Arts, 37(2). Available from: https://scholarworks.wmich.edu/reading_horizons/vol37/iss2/3/ [Accessed: 19 February 2024].

Jacobs, J.S. & Tunnell, M.O. 1996. Children’s literature, briefly. Columbus, OH: Merrill.

Shulevitz, U. 1985 Writing with pictures: How to write and illustrate children’s books, New York, NY: Watson-Guptili.

Latest Articles

Oxford CAPS approved

View online samples of our trusted classroom solutions and support material across all phases and subjects.

Bigger, better, brighter

and more beautiful than ever before!

Brand new editions of our popular CAPS-linked bilingual dictionaries for South African learners in Grade R to 4

360° teaching at your fingertips

The all-in-one teacher’s toolbox