Bana ba rata dipale. Hantlentle, le batho ba baholo ba a di rata. Ha o bolella motho ka ho hong ho o hlahetseng, o mmolella pale – e nngwe ya dipale tsa hao.
Re nahana ka dipale mme re natefelwa ke dipale tse hlasimollang dikelello tsa rona mme di re thusa ho sibolla lefatshe. Ha re nahana ka puo eo re nolofallwang ke ho e bua, eba re tla qapa dipale ka puo ya rona ya lapeng. Lena ke lebaka le le leng la a hlalosang hore ke hobaneng ha bana ba lokela ho ntlafatsa bokgoni ba bona ba tsebo ya ho bala le ho ngola (bokgoni ba ho bala le ho ngola) ka puo ya bona ya lapeng.
Dipatlisiso di bontshitse hore puo ya lapeng ya ngwana ke yona puo e bohlokwa haholo bakeng sa tsebo ya ho bala, ho ngola le ho ithuta sekolong sa poraemari sohle (UNESCO, 2008a). Bana ba ithutang ho bala ka puo ya bona ya lapeng ha ngata ba na le kgonahalo ya ho dula mme ba atlehe sekolong (Kosonen, 2005); motswadi a ka kgona ho buisana le titjhere ya ngwana wa hae hobaneng dipuisano tsena di tla tshwarwa ka puo ya bona ya lapeng (Benson, 2002); bokgoni ba ngwana ba ho nahana bo tla ntlafala kapelenyana mme bo matlafale haeba a qala ho rutwa pele ka puo eo a e buang lapeng (Nishanthi, 2020); mme ngwana o tla fumana boitsebo bo matla ba botho ba hae le ba botjhaba mme a be le kgokahano e matla le botjhaba ba habo (Nishanthi, 2020).
Ho tseba kamoo ngwana a ithutang ho bala ho tla thusa ho hlalosa hore ke hobaneng ho le bohlokwa hakana hore a ithute ho bala ka puo ya hae ya lapeng.
“Ngwana o qala pele ka ho utlwisisa tse mo potileng ka puo eo a utlwang mme wa hae a e bua ho tloha a e so tswalwe le bophelong ba hae bohle.”
Masea a tswalwa a kgona ho utlwa modumo ofe kapa ofe ho tswa puong efe kapa efe. Hang ha ba kgona, ba etsa medumo ho bolela seo ba se batlang. Ha batswadi ba ntse ba bua le ngwana ka puo ya lapeng, ngwana o qala ho lebala medumo eo a sa e utlweng hobane ha e hlokehe bakeng sa kgokahano. Ese neng, ba qala ho kopitsa medumo eo ba e utlwang mme ha ba le selemo se le seng, bana ba qala ho kenya moelelo mantsweng ao ba a utlwisisang mme ba qala ho bitsa mantswe. Bana ba qala ka mantswe ao ba a utlwang hangata, kahoo ngwana o ya sekolong a se a ena le tlotlontswe eo a e buwang ka puo ya lapeng.
Sekolong, bana ba tla rutwa hore mantswe ao re a buang le ho a utlwa a entswe ka medumo e hlokang ho ngolwa. Ho etsa mohlala, lentswe lena ‘bua’ le entswe ka ditlhaku “b”, “u” le “a” le medumo e tsamaelanang le ditlhaku tseo. Ho nyalanya hona ha ditlhaku le medumo ke seo re se bitsang ho bala. Re bona ditlhaku mme re di fe medumo. Jwale ebe re kopanya medumo ena mmoho ho etsa lentswe, ebe re kopanya mantswe ao kaofela ho etsa polelo. Kahoo, ho a utlwisiseha hore:
- Ngwana o tla ithuta medumo ena ha bobebe ho feta haeba e nyalana le e puong eo a seng a e bua
- Ngwana o tla bala ka moelelo haeba mantswe ao a a balang (tlotlontswe) a nyalana le tlotlontswe eo a seng a ena le yona puong eo a e buang lapeng.
Haeba ngwana a bua e nngwe ya dipuo tsa Seafrika lapeng, eba ho bohlokwa le ho feta hore a ithute ho bala ka puo ya lapeng. Ho dipuo tsohle tsa Seafrika tsa naha ya rona, nyalano ya tlhaku le modumo e dula e le 100% ka ho tshwana. Sena se bolela hore tlhaku ena “p” ho etsa mohlala, e tla dula e ena le modumo o tshwanang. Sena ha se jwalo ho Senyesemane. Senyesemane se na le sistimi e rarahaneng ya nyalano ya tlhaku le medumo tse ka ferekanyang motho ya sa bueng puo eo. Ho etsa mohlala, sheba tlhaku ena “c”. Lentsweng lena “cat”, tlhaku ena “c” e na le modumo wa /k/. Empa lentsweng lena “cell phone”, tlhaku “c” e na le modumo wa /s/. Jwale sheba mantswe ana “cough” le “though” bobedi ba ona a qetella ka “ough”, empa ha a qapodiswe ka ho tshwana. Ho etsa mohlala: My meat was so tough I started to cough. I got through it though when I drank water.
Haeba ngwana ya buang puo ya Seafrika a qala sekolo a ithuta ka Senyesemane, thuto ya hae e salla morao ka dilemo tse ka bang tshelela kaha a tla thatafallwa ho ithuta nyalano ya ditlhaku le medumo ya Senyesemane le tlotlontswe (Cummins, 1981). Sena se tla bolela hore moithuti wa Kereiti ya 6 ya rutwang ka puo ya bobedi (English) o tla be a le boemong ba moithuti wa Kereiti ya 1 ya rutwang ka puo ya hae ya lapeng.
Phuputso e bontshitse hore bana ba fumana bokgoni ba ho bala le ho ngola ka potlako le ka katleho ha ba rutwa ka puo ya bona ya lapeng. Bafuputsi ba bangata ba pakile hore bokgoni ba tsebo ya ho bala le ho ngola le bokgoni ba kutlwisiso tseo ngwana a ithutang tsona ka puo ya lapeng di ka fetiswa ka hohlehohle ka 100% ho ya puong efe kapa efe e nngwe eo ba ithutang yona ha morao. Ke ka hona Kharikhulamo ya CAPS e kopang dikolo hore di latele mokgwa wa botemepedi o eketsehileng. Botemepedi bo eketsehileng ke ha puo e nngwe e eketswa ho puo ya pele ya ngwana (puo ya lapeng) ho ena le hore e nkele puo ya lapeng sebaka. Haeba ngwana a rutwa ka puo ya tlatsetso (hangata ke Senyesemane) ho tloha ho Kereiti ya 1, ha a eketse bokgoni ba ho bala le ho ngola puong efe kapa efe ho tse pedi tseo mme butlebutle Senyesemane e ba matla ho feta puo ya lapeng. Sena se bitswa botemepedi mme sephetho sa yona ke hore ngwana a keke a kgona ho bala le ho ngola ka katleho ka efe kapa efe ya dipuo tseo ka bobedi.
Ho bala hore o utlwisise moelelo ke tsela e lebisang ho ithuteng hohle. Kahoo hore o fe ngwana qalo e ntle ka ho fetisisa thutong ya bona, o lokela ho ithuta tsela ya ho bala le ho ngola ka kutlwisiso ka puo ya hae ya lapeng. Ho ntshetsa pele Senyesemane jwaloka puo ya tlatsetso ho tla etsahala ha bonolo haeba ngwana a nepisisa bokgoni ba ho bala le ho ngola ka puo ya hae ya lapeng.
Bana ba tshwanetse ho rata dipale tseo ba ka di balang, ho kenyeletswa dipale tsa botjhaba le tikoloho ya bona ele hore ba kgone ho ipona le ho bona lefatshe la bona ka hara dipale tseo mme ba hole kelellong. Ena ke mpho e kgolo ka ho fetisisa eo o ka e fang ngwana – bokgoni ba ho balla kutlwisiso, lerato la botjhaba le puo ya bona, le qalo e matla ya thuto.
Benson, C., & Kosonen, K. (Eds.) 2013. Language issues in comparative education: Inclusive teaching and learning in non-dominant languages and cultures. Rotterdam: Sense Publishers
Benson, C. 2002. Real and potential benefits of bilingual progammes in developing countries. International Journal of Bilingual Education and Bilingualism, 5 (6): 303–317.
Nishanthi, R. 2020. “Understanding of the Importance of Mother Tongue Learning” Published in International Journal of Trend in Scientific Research and Development (IJTSRD). ISSN: 2456–6470, Volume 5, Issue 1, December 2020: 77–80,
The Common Underlying Proficiency model (Cummins, 1980a, 1981a, as cited in Baker, 2011)